A. Hela, Mokganni wa Tekesi
B. Hlokomela dithaere tsa hao
C. TSEBA KA POLOKEHO YA DITHAERE KA HARE MONA
D. E radilwe le ho hlahiswa ke ba Terasete ya Ditshebeletso tsa Tshehetso ya Thuto bakeng la Lefapha la Dipalangwa ? 2002
a Mofumahadi Majola o etela renkeng ya ditekesi b
Metswalle, ditekesi di fana ka tshebeletso ya bohlokwa ho rona maAfrika Borwa ohle. Re tshepetse ho lona hore le re fihlise re bolokehile moo re batlang ho ya teng! Fela na ditekesi tsa lona di bolokehile hakae?
Sheba dithaere tsa hao! Dithaere tsa hao di bohlokwa haholo. Hopola hore ke tsona feela disebediswa tsa kopanyang mmila le tekesi ya hao ? mmoho le bapalami ba yona. Dithaere tsa hao di ka etsa phapang mahareng a lefu le bophelo
Ke nnete. Re leboha keletso ya hao.
Dinakong tse ding tse ding tse fetileng, re ne re sa tsotelle ka polokeho. Fela re ikemiseditse ho phahamisa maemo a indasteri ya rona! Polokeho ya bapalami ke yona ntho ya pele lenaneng la rona.
Mme ka mora ho bua le lona, re tseba hore re tla qala kae ? tlhokomelo ya dithaere!
Ee, jwalo ka bapalami, maphelo a rona a matsohong a hao! Ka kopo hle, hopola hore ? malapa a rona a re hloka!
Malapa a lona a le hloka, le rona re a le hloka ekasitana le naha ya lona e a le hloka. Re ka se kgone ho lahlehelwa ke bophelo le ha e le bo le bong ka baka la bohlaswa le ho se tsotelle. Bapalami ba lokela ho tsamaiswa ka polokeho!
Dithaere tse lokileng + bakganni ba hlwahlwa = polokeho mebileng
Re a leboha ka ho ela taba ena hloko!
Na ke wena enwa?
Kena, kena!
Re na le leeto le le telele.
Ke eng! O ke ke wa lekana moo?
E tla mme, o ka kgona!
E mong le e mong a itokise?
Ke kgolwa hore o lekotse dithaere tsa hao?
Dithaere? Di teng kaofela ? nngwe, pedi, tharo ? di nne. Ee! Dithaere di lokile!
O na le dithaere tse hlano!
Ha o na thaere eo o tla e kenya ha e nngwe e ka senyeha?
Ee, ke na le yona!
Ho bapalwa ka lefu mona!
Tsirrrrrrrrr!
Mokganni enwa ha a tsebe letho ka polokeho ya dithaere!
O nepile! Motho e mong le e mong ya sa hlokomeleng dithaere tsa hae o bapala ka lefu,
O bolelang?
Ke re dithaere tse senyehileng di baka dikotsi
Hangata dithaere ha di kengwe ka tshwanelo kapa ke tsa boleng bo tlase!
Dithaere tse petjhitsweng, tse fokolang, tsa kgale tse sa lekaneng ? di baka dikotsi!
Le tsona dithaere tse seng di fedile!
Dithaere tse sa lokang di ka nka maphelo a rona!
Ha ne e le hore bakganni bohle ba ka ithuta mesebetsi ya motheo ya ho kenya le ho hlokomela dithaere.
Ee, hoo ho ne ho tla bolokela bapalami ba bona ekasitana le bona ka bobona tjhelete hape ho etse hore ba dule ba thabile ? athe ka lehlakoreng le leng teng ho ne ho tla thibela le ho hlokahala.
Phaa!
O nepile. Beke e fetileng ke ile ka phatlohelwa ke thaere. Ka lehlohonolo ha ho ya ileng a lemala, empa thaere e ntjha e ile ya mpatla tjhelete e ngata.
Ke nnete!
E bile o lehlohonolo. Beke le beke batho ba hlokahala ka hobane bakganni le beng ba ditekesi ha ba kenye dithaere jhantle hape ha ba di hlokomele.
Na o batla ho etsa bonnete ba hore ha o rwale maikarabelo dikotsing kapa ho hlokahaleng ha batho?
Na o batla ho boloka tjhelete? Lekola dithaere tsa hao! Ithute ho hlokomela dithaere tsa hao.
Re tshwanetse ho tseba dithaere tsa rona, re di lekole kgafetsa, re lokise diphoso ka pele mme re di boloke di le maemong a matle - dithaere tse petjhitsweng, tse fedileng, mme tse sa lekaneng di baka dikotsi!
Dithaere tsa hao di tshwana le solo ya dieta. Ka disolo tse thellang, tse senyehileng o ka thella wa itematsa.
Dithaere ha di kgone ho bua. Di ke ke tsa ho bolella hore di se di senyehile, hore di se di fokola kappa di se di tlilo phatloha.
Ka hoo ho tswa ho rona, beng le bakganni, ho lekola diphoso le ho di lokisa pele di ka baka mathata!
Dithaere tse mpe di nka maphelo le tjhelete.
Ha re buweng ka dithaere
Kenya dithaere tse etseditsweng mesebetsi ya kgwebo
DITHAERE TSE ETSEDITSWENG MESEBETSI YA KGWEBO DI ETSEDITSWE HO RWALA MORWALO O BOIMA.
Dithaere tse etseditsweng mesebetsi ya kgwebo di fapane le dithaere tse tlwaelehileng tsa ho rwala bapalami. Dithaere tsa bapalami tse tlwaelehileng ha di matla haholo ho ka sebediswa ke ditekesi tse rwalang batho.
DITHAERE TSE ETSEDITSWENG MESEBETSI YA KGWEBO DI NA LE C KA MORA BOHOLO, MOHLALA 205 R14 C
Dithaere tse etseditsweng mesebetsi ya kgwebo di na le C ka mora nomoro.
Kenya dithaere tsa boholo bo tshwanetseng
KENYA DITHAERE TSA BOHOLO BO TSHWANETSENG RIMING YA HAO
Ha thaere e le e nyenyane haholo kapa e le e kgolo haholo, yona e ka tswa riming. E tshwanetse ho ba boholo bo tshwanetseng.
Botsa mohwebi wa dithaere hore ke boholo bofe bo tshwanetseng koloi ya hao, kapa bala bukana ya hao.
Ha thaere e le nyenyane haholo e ka tswa riming
Kenya velofo e ntjha nako le nako ha o kenya thaere e ntjha
Kenya velofo e ntjha ha o kenya thaere e ntjha.
DIVELOFO KE KAROLO YA BOHLOKWA YA DITHAERE TSA HAO.
O se emele ho phatloha ho tla baka kotsi e mpe. Nako le nako ha o kenya thaere e ntjha, kenya le velofo e ntjha.
Divelofo ha di je tjhelete e ngata
Netefatsa hore rimi e seemong se se botse
O HLOKA RIMI YA MALEBA hore O BE LE KGATELELO YEO E TSHWANETSENG MO THAERENG
Ha rimi ya hao e senyehile, e ka etsa thare hore e tswe moya ka pele kapa thaere e tswe ho yona.
Lekola dirimi tsa hao kgafetsa. Ha e le hore ho na le tse senyehileng, di ntshe kapa di ise ho ya lokiswa ke motho ya nang le tsebo ya profeshenale.
Rimi e senyehileng e senya thaere ya hao mme seo se ka baka kotsi e mpe haholo.
KGATELLO E SA LOKANG E BAKA HO FELA HA DITHAERE KA TSELA E SA LEKANENG MME E FOKOTSA LE NAKO E TLA NKUWA KE DITHAERE TSA HAO
Ho lekola kgatello ka mehla ha o tshela peterole le ho tlatsa moya wa dithaere ho di neha kgatello e tshwanetseng ho neha dithaere tsa hao bophelo ba nako e telele ? mme hona ho baballa tjhelete!
Bekeng ya ho qala ya bophelo ba thaere, thaere ya hao e ka ba bonolo ka potlako ka baka la ho se kengwe hantle le ka divelofo tse dutlang. Bakeng la beke e le nngwe o kentse dithaere tse ntjha, lekola kgatello ya moya letsatsi le letsatsi. Ka mora moo, lekola kgatello ya moya dithaereng kgafetsa.
Mokganni e mong le e mong o tshwanetse ho ba le sesebediswa sa hae sa ho lekanya kgatello. Disebediswa tsa ho lekanya tsa karatjheng e ka nna ba di na le diphoso.
Kgatello e sa nepahalang ya dithaere e baka dikotsi tse ngata tsa ditekesi. Lekola kgatello ya dithaere kgafetsa.
Bofa dinate tsa mabidi
KA MEHLA ETSA BONNETE BA HORE DINATE TSA MABIDI A HAO DI TIILE. O TSHWANETSE HO BA LE NATE BOLTONG E NNGWE LE E NNGWE!
Dikotsi tse ngata tse mpe di etsahala hobane mokganni a ile a nahana hore o tla kgona ho tsamaya ntle le nate lebiding.
O se ke wa kganna ka nate e sa tiyang kappa ho se na nate lebiding.
Paballo ya dithaere
Na tlhokomelo ena ya dithaere e ka se batle tjhelete e ngata?
O ka kenya dithaere tsa theko e tlase mme wa se a hlokomele ? fela hoo ho tla nka bophelo ba hao.
Hoo ke theko e hodimo ho feta dithaere tsa theko e phahameng tse hlokometsweng ka tshwanelo.
O se nahane hore dithaere tsa theko e tlase di lokile! Dithaere tsa theko e tlase - jwalo ka tse seng di sebeditse, tse lokisitsweng kapa tse kentsweng dilapa ? di ka nka bophelo ba hao le ba bapalami. O se ke wa kenya dithaere tse epilweng botjha di-tread kapa tse lapilweng.
Dithaere tsa theko e tlase di ho jela tjhelete qetellong ? di batla tlhokomelo e ngata mme ha di tshwarelle ho tshwana le tse ntjha. Dithaere tsa theko e hodimo di ka bitsa tjhelete e ka hodingwana, empa qetellong di ja tjhelete e nyenyane hobane di hlokomeleha ha bobebe mme di a tshwarella.
Ho tlatsa koloi ho feta tekano ho baka tshenyeho ya dithaere tsa hao mme di ka phatloha, tsa baka dikotsi le mafu.
O se nahane ka theko e tlase ya dithaere.
Nahana ka paballo ya dithaere le polokeho ya bapalami
Nahana ka paballo ya dithaere!
Molao o mabapi le dithaere
Kotsi ya dithaere tse boreledi
Ke tlolo ya molao ho kganna ka dithaere tse boreledi tse se nang di-tread. Di-tread tsa thaere ya hao di lokela ho ba 1.6 mm ho potoloha. 1.6 mm ke bophara ba lehlokwana la mollo.
Ha dithaere tsa hao di na le di-tread tse ka tlase ho 1,6 mm kae le kae:
Inshorense e ke ke ya lefa ha o ka hlahelwa ke kotsi
Mopalami wa hao a ka ho isa lekgotleng la dinyewe
O ka lefiswa
Ho tlatsa koloi ho feta tekano ho kotsi!
Tekesi e nngwe le e nngwe e dumelletswe ho rwala fela palo e itseng ya bapalami. Ha o fetisa palo eo, o senya mebila le koloi. O tlola molao mme o beha maphelo kotsing! O tla lefiswa.
Ke ho lefisa hore o tlatsitse koloi ho feta tekano!
Ke kopa laesense ya hao?
Na o ne o nwa?
Tswa ka hara koloi ya hao ke bone hore na e loketse tsela.
Tlhokomelo
LENANE LA TEKOLO
Alaenemente ya mabidi
Dithaere
Ho tsofala le ho fela
Dinate
Rimi
Ntho e nngwe le e nngwe e hloka tlhokomelo ha o batla hore e nke nako e telele.
Ha ho na molemo wa letho ho ba le koloi le dithaere tse ntle ka ho fetisisa ha o sa di hlokomele. Hape o batla ho tsamaisa bapalami ba hao ba bolokehile.
Tlhokomelo e baballa tjhelete. Ho se hlokomele ke se seng sa disosa tse kgolo tse bakang dikotsi mebileng ya rona. O se dumelle hore kotsi e latelang e be ya hao!
Tlhokomelo e bolela ho lekola le ho lokisa diphoso kgafetsa.
Na wena kapa bakganni ba hao le ipha nako ho etsa dintho tsena?
Lekalekanya mabidi a hao
Tekatekanyo e mpe e hulela tekesi ka lehlakoreng le le leng.
Na o kile wa bona tekesi e tsamayang ka lehlakore jwalo ka lekgala? Hona ho etswa ke tekatekanyo e mpe ya mabidi. O ka se kgone ho laola koloi ya hao ka tshwanelo. Hona ho baka dikotsi.
Hona ho o jela tjhelete athe hape tekatekanyo e mpe ya mabidi e qeta rabara ya dithaere tsa hao.
Lekola tekatekanyo ya mabidi
Tekatekanyo e mpe ya mabidi e qeta dithaere ka mokgwa o sa lekaneng mme e senya dibering. Ho ntsha tekesi ya hao tseleng ho ya e lokisa dibering ho bitsa tjhelete e ngata.
Lekalekanya mabidi a hao ha ho hlokeha!
Tjhentjha dithaere tsa hao
Isa dithaere tsa ka pele morao mme tsa morao o di ise ka pele ka mora dikilometara tse 10 000. Hona ho etsa hore dithaere tsa hao di tshwarelle nako e telele.
Di-shock absorber tse fedileng di ka baka hore dithaere di fele ka pele ka dilapa. Qetellong hoo ho o jela tjhelete.
Di-shock absorber tse fedileng di sitisa steering mme moganni o ba le taolo e fokolang ya tekesi ? mme hona ho baka dikotsi.
Kgotlo!!
Kgotlo!!
O se ke wa pompa ho feta tekano ? kapa hanyenyane haholo
Phaa!
Ho tlatsa moya ho feta tekano ho qeta di-tread mahareng a thaere. Thaere ya hao e tla phatloha, jwalo ka baluni.
Moya o monyenyane o etsa lethaere hore le tjhese haholo. Thaere e tjhesang e phatloha ha bonolo.
Bobedi, ho pompa dithaere ho feta tekano le ho di pompa hore di se be le moya o lekaneng ho baka ho phatloha ha dithaere.
Lekola kgatello ya moya kgafetsa ? letsatsi ka letsatsi ha o tsamaya maeto a matelele.
Ke ya utlwisisa!
Bakeng la ho hlokomela dithaere tsa ka ke tshwanetse ho:
lekola di-tread tsa thaere kgafetsa le hore na ha e ya senyeha
Sebedisa boholo bo tshwanetseng diriming tsa ka
Lekola alaenemente ya mabidi
Tjhentjha dithaere ka di potolohisa ka mora dikilometara tse ding le tse ding tse 10 000
Hlokomela haholo kgatello e tshwanetseng thaereng e nngwe le e nngwe!
Mekgwa e mebe e ho jela tjhelete
Ho boheha e ka motswalle wa rona o na le mathata a thaere!
Nkabe a ile a re mamela!
Bapalami ba ka ke bao ba tsamaya!
Ke ka lebaka lang ke sa kenya thaere ena ka potlako?
Lekola dithaere tsa hao KA HLOKO. Etsa hoo kgafetsa!
Dithaere tse ntle di boloka tjhelete qetellong.
Ke bile sethotho ka ho se natse dithaere tsa ka!
Ha ke ne ke di lekotse kgafetsa nkabe ke qobile hona ? nkabe ke sa lahlehelwa ke bapalami!
Lokisa mathata pele a ho senyetsa nako, tjhelete le maphelo!
Mekgwa e metle e thibela dikotsi
Ha thaere ya hao e phatloha, o se hate mariki ka pele. Fokotsa lebelo hanyenyane, o sebedisa dikere. Ema sebakeng se bolokehileng ka thoko ho mmila, hore o tjhentjhe thaere. Ka mehla tshwara thaere e nngwe e nang le moya o lekaneng ka thoko.
Kgona ho itaola ka bowena le koloi ya hao ka dinako tsohle.
Etsa hore dithaere tsa hao di lekolwe ka mora dikilometara tse ding le tse ding tse 10 000 ke setsebi sa ona mme o boloke koloi rekoto ya dikilometara le tlhokomelo ya dithaere.
Melao ye 6 ya polokeho ya mmileng
Etsa bonnete ba hore koloi le mokganni ba itekanetse
Se kganne ka lebelo
Kgothaletsa polokeho ya bapalami
O se ke wa palamisa batho ba fetang tekano
O se ke wa nwa wa be o kganna ha o qeta
Tlama lebanta la hao la setulo
Pele o tlosa koloi, e ya lenaneng lena le latelang la dintlha tse mabapi le koloi!
Na ditshupiso (indicators) le mabone a sebetsa?
Na mariki le mariki a letsoho a sebetsa?
Na steering se sebetsa hantle?
Na ho na le oli kapa metsi a dutlang?
Tseba dithaere tsa hao
Bakganni le beng ba ditekesi! Sebedisang lenane lena ho etsa bonnete ba hore dithaere tsa hao di maemong ao di lokelang ho ba ho ona.
Na dithaere tsa hao ke tsa tshebetso tsa kgwebo?
Na boholo ba thaere ya hao bo lekane rimi ya yona?
Na rimi ha ya senyeha?
Na ho na le matshwao a ho tsofala, jwalo ka ho petsoha le ho epeha?
Na thaere e nngwe le e nngwe e tlatsitswe moya ka kgatello e lekaneng?
Na dinate tsa dithaere di madulong e bile di bofuwe ka thata?
Na o lekotse alaenemente le tekatekano ya dithaere?
Na o tjhentjhile dithaere tsa hao ka mora dikilometara tse 10 000 tse fetileng?
Na o batla ho etsa bonnete ba hore wena le bapalami ba hao le bolokehile, kgwebo ya hao e a atleha mme ha o tlole molao? Hlokomela dithaere tsa hao!
Tlhokomelo ya dithaere = ke paballo ya tjhelete le thibelo ya dikotsi!
MOKGANNI WA TEKESI ? NA KE WENA?
Dikotsi tse ngata le ho hlokahala mebileng ? mme di ka be di thibetswe!
Ka ho lekola, ho hlokomela le ho baballa dithaere tsa hao.
DITHAERE ? dintho tse nyenyane feela, empa di baka mafu a mangata
Bakganni le beng ba ditekesi ba hlokomelang dithaere tsa bona ba ka thibela dikotsi le mafu. Beng ba ditekesi ba kgothaletsang bakganni ba bona ho hlokomela dithaere tsa bona ba ka thibela mafu, ba une molemo wa tjhelete, mme ba fetole tshebetso tsa kgwebo ya ditekesi.
Ha re fediseng mafu mebileng ya rona hona jwale!
Ka hara buka ena o ka fumana ka moo o kenyang dithaere tse nepahetseng, ho ba le kgatello e nepahetseng ya moya ka thaereng, wa qoba diphoso tse tlwaelehileng, mme o phahamise maemo a tlhokomelo ya ditekesi.
